Morena Wa Lefatshe
Book Description
Pele Jesu a tswalwa, morena wa Sesare o ile a laela hore batho ba balwe. Empa ba ne ba sa tshwanelo ho ballwa kae kapa kae. Bohle ba ne ba ballwa ditulong tseo ba tswaletsweng ho tsona. Maria le Josefa ba tswaletswe Bethlehema ke ka hona ba neng ba tloha Nazareta ho ya Betlehema. Ka nako eo ho ne ho se dikoloi, kapa diterene, kapa dibese. Batho ba ne ba palama ditonki le dikamele. Bongata ba bona ...
MorePele Jesu a tswalwa, morena wa Sesare o ile a laela hore batho ba balwe. Empa ba ne ba sa tshwanelo ho ballwa kae kapa kae. Bohle ba ne ba ballwa ditulong tseo ba tswaletsweng ho tsona. Maria le Josefa ba tswaletswe Bethlehema ke ka hona ba neng ba tloha Nazareta ho ya Betlehema. Ka nako eo ho ne ho se dikoloi, kapa diterene, kapa dibese. Batho ba ne ba palama ditonki le dikamele. Bongata ba bona bo ne bo tsamaya ka maoto. Ha Josefa le Maria ba fihla Betlehema e ne e se e le bosiu. Empa jwale le tle le hopole, batho bohle ba tswletsweng Bethlehema ba neba tshwanela ho ya koo. E ne e le taelo ya morena Sesare. Ka hoo toropo ya Betlehema e ne e tletse. Ha o ne o sheba ditulo tsohle o ne o bona batho, ditonki le dikamele. Maria e ne e le moimana, hape ngwana wa hae o ne a atametse ho tswalwa. Jwale Josefa a tshwanela ho batla sebaka, hore ba tle ba robale, hobane e ne e se e eba shwalane. Ntho eo ba neng ba tshwanela ho e batla e ne e le ntlo ya baeti. Empa matlo a baeti a ne a tletse. Dibakeng tshole moo Josefa a neng a batla sebaka, ba ne ba re: "Re mohau ha re na sebaka." Josefa o ile a tshwenyeha haholo. Ntlong e latelang ya baeti, o ile a botsa: " Na o ke se etse ho hong? Re tswa hole, hape mosadi wa ka o imile. Ngwana o thilo hlaha bosiung bona bona." Mo okamedi wa matlo a baeti o ile a qenehela Josefa le Maria haholo. A re ho bona: "Ka nnetenete ha ke na ntlo e nngwe ya baeti. Empa ke na le setala. Ho na le dinku le dikgomo tse mmalwa. Ha le batla, le ka ya robala teng." Yaba Josefa le Maria ba ya setaleng, mme ba beha dikobo tsa bona hodima mmoko. Nakonyana ka mora moo, ngwana a hlaha. Maria o ile a mo etsetsa bethe ka hara sejelo, a mophutela ka masela, a mo bea ka hara sejelo. O hlahile jwalo Morena wa lefatshe. O tlile ho tswa lehodimong, hape o tlile ka sebopeho sa motho. O tlile ho tla pholosa batho dibeng tsa bona, batho ba dumelang ho yena.
Publisher | Van Schaik |
Binding | Paperback |
Reading Level | Uncategorized
|
# of Pages | 92 |
ISBN-10 | 0627023932 |
ISBN-13 | 978-0627023934 |
Publication Date | 09/30/1998 |
You must be a member of JacketFlap to add a video to this page. Please
Log In or
Register.
View J.M. Opperman's profile